23 Ya fihlametsweng ke tsela o tswaletsweng, athe Modimo o mo raletse mathibela?
23 Ho tswetswe keng motho ya timeletsweng ke tsela ya hae, eo Modimo o mo patisang kahohle?
moo a heleditseng ho ke ke ha tsoswa marako, eo a mo kentseng tjhankaneng a ke ke a lopollwa.
Maoto a ka a tlamilwe ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola, bohato ba maoto a ka o a bo thaleha.
ke futuhetswe ke mabotho a hae, a hlomme diahelo ho potapota lapa la ka.
jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.
“O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta; tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.
Ba thaba ka thabo e fetisisang, ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng.
Ke tla nyakalla, ke thabele mohau wa hao, hobane o bone ho hlopheha ha ka, wa lemoha matshwenyeho a ka;
Kgalefo ya hao e nkimetse, maqhubu wohle a hao a mpupeditse.
O suthisitse balekane ba ka, wa ba suthisetsa hole le nna, o mphetotse manyala mahlong a bona; ke hlahletswe moo ke sitwang ho tswa,
Wena Jakobo, o leng Iseraele, ke hobaneng ha o bua, o re: “Metsamao ya ka Morena ha a e tsebe, Modimo wa ka ha a natse tokelo ya ka?”
O ntinkeditse hoo nke ke be ka phonyoha, a ntlama ka mahlaahlela a lethose a boima.
O thibetse mmila wa ka ka kakawe tsa majwe, tsela ya ka o e kgopamisitse.
Ka meutlwa tsela hae ke tla e ralla, ke be ke e thibe ka ho haha lerako, a se ke a tsamaya ka tsela tsa hae tsa kgale.