8 Hobane tshepo ya molotsana ke efe, ha Modimo o mo kgaola, leha o lata bophelo ba hae?
8 Letshepa la moetsadibe ke lefe, mohla Modimo a mo amohang bophelo?
Empa mahlo a ba bolotsana a tingwa, ba hloka setshabelo; tshepo e ba saletseng ke ho neela moya.
eo meya ya tse phelang kaofela e leng letsohong la hae, le phefumoloho ya batho bohle?
ke hona ho tla ba poloko ho nna; hobane moikaketsi a ke ke a itlhahisa pela wona.
Hobane ntlo ya e mobe e tla nyopa, mme mollo o tla ja moaho wa ya kgopo.
thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?
Eo e leng sera ho nna a ke a be jwaloka molotsana, ya ntwantshang a tshwane le ya kgopo!
Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?
Tsela ya e mong le e mong ya lebalang Modimo e jwalo, tebello ya ya se nang borapedi e a fela;
Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.
Molemo ho motho e ka ba eng, leha a rua lefatshe kaofela, ha a itimetsa, leha a itahla?
Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.
La kgutla, la lla pela Jehova, empa Jehova a hana ho utlwa mantswe a lona le ho le sekehela tsebe.
Mohlang oo, le tla lla ka baka la morena wa lona eo le ikgethetseng yena, empa Jehova a ke ke a le utlwa mohlang oo.