Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.
Leha ba ka itima dijo, nke ke ka utlwa mehoweletso ya bona; leha ba ka hlahisa ditjheso leha e le dinyehelo, nke ke ka kgahliswa ke tsona; ke mpa ke tla ba fedisa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu.
Ha ho le jwalo, le nna ke tla etsa ka kgalefo; leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ba tla howeletsa ditsebeng tsa ka ba tlerola, empa nke ke ka ba mamela.
Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.