Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 27:8 - BIBELE

8 Letshepa la moetsadibe ke lefe, mohla Modimo a mo amohang bophelo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane tshepo ya molotsana ke efe, ha Modimo o mo kgaola, leha o lata bophelo ba hae?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 27:8
19 Referencias Cruzadas  

Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”


Bophelo ba sebopuwa ka seng bo matsohong a hae le meya ya batho bohle e phela ka yena.


Hona e tla ba yona pholoho ya ka: Moetsadibe a ke ke a ema kapele ho yena.


“Ba kgopo ba ke ke ba ba le ditloholo, mollo o tla tjhesa matlo a ba phelang ka tjotjo.


Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


“Dira tsa ka di ke di tshwane le ba kgopo, bantwantshi ba ke ba be jwaloka balotsana.


Na hase timelo ho baetsadibe, le koduwa ho ba etsang bokgopo?


Tsela tsa bohle ba lebalang Modimo di jwalo, letshepa la ya kgopo le fela jwalo;


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Ebe motho a ka boellwa keng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a lahlehelwa ke bophelo ba hae, kapa a timela?


Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa.


Le ile la kgutla, la llela kapele ho Morena, empa Morena ha a a ka a le mamela, leha e le ho le sekehela tsebe.


Mohla letsatsi leo le fihlang, le tla ipelaetsa haholo ka baka la kgosi ya lona, eo le e kgethileng, empa mohla letsatsi leo Morena ha a na ho le araba.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos