Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Eitse ha ba emisa mahlo ba sa le hojana, ba se ke ba mo tseba, mme ba phahamisa mantswe, ba lla, ba hahola e mong le e mong kobo ya hae, ba kubisetsa lerole sebakeng hodima dihlooho tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ha ba mmona ba sa le thokwana, ba batla ba sa mo tsebe. Ba lla sa mmokotsane, ba hahola diaparo tsa bona, ba kgopholela lerole hodimo, ba le tshela hodima dihlooho tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 2:12
17 Referencias Cruzadas  

Yare ha Esau a utlwa mantswe a ntatae, a meketsa ka lentswe le leholo le bohloko ka ho fetisisa, a re ho ntatae: Oho, ntlhohonolofatse le nna, ntate!


A re a sa qetella puo, ha fihla bara ba morena, ba lla, ba bokolla; le yena morena a lla, le bahlanka bohle ba hae ba lla haholoholo.


Eitse ha ke utlwa lentswe leo, ka hahola kobo ya ka le kojwana, ka hlotha moriri wa hlooho ya ka le ditedu tsa ka, mme ka dula fatshe ke tshohile.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi eo, bana ba Iseraele ba phuthehela ho itima dijo, ba apere masela a mahwashe, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole.


Eitse ha Mordekai a tseba tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe le molora, mme a tswela hara motse, a ntse a howa ka mehoo e phahameng, e bohloko.


Yaba Jobo o a ema, a hahola kobo ya hae, a ipeola hlooho, a itihela fatshe, a kgumama, a re:


Baheso ba itulela thoko, bao e neng e le metswalle ya ka ba ntebetse.


Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.


Ba tla lla ka wena, ba bokolle habohloko, ba ithuntshe dihlooho ka lerole, ba bidikane moloreng.


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


Mme ba ithuntshetsa dihlooho ka lerole, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! jo! Motse o moholo oo ba nang le dikepe lewatleng ba ruileng ka maruo a nonneng a wona, o ripitlehile jwang ka hora e le nngwe?


Lengeloi la Jehova la re le sa bolella bana bohle ba Iseraele taba tseo, setjhaba sa bokolla, sa lla.


Manqosa ao a tla Gibea, ho Saule, a bolella setjhaba taba tseo; mme setjhaba sohle sa phahamisa lentswe, sa lla.


Ebile Davida le setjhaba se ho yena ba lla, ba bokolla, ho fihlela ba ba ba fellwa ke matla a ho lla.


Ebile monna e mong, wa Mobenjamine, o tloha ntweng, a matha, a tla Silo ka lona tsatsi leo, a hahotse diaparo tsa hae, a le dithole hloohong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos