Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba ba dula le yena fatshe ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ho se ya isang lentswe ho yena, ka ho bona hoba bohloko ba hae bo le boholo haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ba dula le yena thotobolong moo, ho se ya mmuisang, hobane ba ne ba bona hore o opelwa haholo.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 2:13
12 Referencias Cruzadas  

Modimo wa bitsa lesedi motshehare, mme lefifi wa le bitsa bosiu. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la pele.


Modimo wa bitsa sebaka mahodimo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bobedi.


Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.


Eitse ha ke utlwa lentswe leo, ka hahola kobo ya ka le kojwana, ka hlotha moriri wa hlooho ya ka le ditedu tsa ka, mme ka dula fatshe ke tshohile.


Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,


Kamora tseo, Jobo a ahlamisa molomo wa hae, a rohaka letsatsi leo a tswetsweng ka lona.


Ha re leka ho bua le wena na o tla utlwa bohloko? Empa ya ka itshwarang ke mang, hore a se ke a bua?


O fadimehisa dintshi tsa ka; ke sa ferekane, ke sitwa ke puo.


Dikgoro tsa Jerusalema di tla lla, di be di bokolle; o tla dula fatshe a fetohile lesupi.


Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.


Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.


Ka fihla Thel-Abibe, ho ba kgolehong ba ahileng pela noka ya Kebare, ka dula moo ba ahileng teng; ka dula teng ho bona tshiu tse supileng, ke maketse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos