Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 12:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Boiketlo bo ditenteng tsa basenyi, kgotso e teng ho ba sa reng letho ka Modimo, bao matla a bona e leng modimo wa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 12:6
17 Referencias Cruzadas  

Bomadimabe bo loketswe ke nyediso, ha ho hopola baiketli; o lebeletse eo leoto la hae le batlang ho thella.


O mpe o botse dikgomo, di tle di o rute; le dinonyana tsa lehodimo, di tle di o bolelle!


ha o tsohela Modimo bohale, ha molomo wa hao o ntsha dipolelo tse jwalo?


Kanthe o ne o tlatsitse matlo a bona ka menono. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.


O mo fa boiketlo, ebe o a tiya, mahlo a wona a tadimile mekgwa ya hae;


Lefatshe le neelwa matsohong a ba babe; o sirela mahlo a baahlodi ba lona. Haese wona o etsang hoo, hleka e ka ba mang na?


ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


O se ke wa hlora ha o bona ba bolotsana, o se ke wa honohela ba etsang ho hobe!


Ke bone e mobe a iphile matla, a phahamile jwaloka sefate se fupuhang naheng ya sona;


hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefodi.


Leha banyefodi ba mela eka meroho, le ba bolotsana kaofela ba atleha, ke hore ba senyehe ka ho sa feleng.


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Matlo a bona a tletse boshodu, jwaloka serojana se tletseng dinonyana; ke moo ba ikgodisang, mme ba fumile.


Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlodisa bobe bo ka bolelwang. Ho ahloleng ha ba ahlole, ha ba ahlolele kgutsana, mme ba atleha; ha ba etsetse nyewe ya mafutsana kahlolo.


Jwale, se ye se fete jwaloka moya, se tswele pele, se be se be le molato, hobane matla ao a sona ke modimo wa sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos