Modimo wa etsa dihlapi tsa ditonana, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
Modimo wa etsa diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
Haele mokotatsie, o tseba nako ya yona lehodimong, le leeba, le lefokotsane, le moholodi, di nne di lemohe nako ya ho boela ha tsona; empa setjhaba sa ka, ha se tsebe tokelo ya Jehova.
Hobane tse sa bonweng tsa wona, e leng matla a wona a kamehla le bomodimo ba wona, di bonahala haholo, haesale dintho di hlolwa, ha ho lemohuwa mesebetsi ya wona, e le hore ba tle ba hloke meitatolo.