Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 12:6 - BIBELE

6 Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Boiketlo bo ditenteng tsa basenyi, kgotso e teng ho ba sa reng letho ka Modimo, bao matla a bona e leng modimo wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 12:6
17 Referencias Cruzadas  

Ba iketlileng ba nyedisa bomadimabe, ba re ke pheletso ya ba kgatheng la ho thella.


“Ako botse diphoofolo, tsona di tla o ruta, nonyana tsa lehodimo le tsona di o kaele;


hoo o hlatsetsang kgalefo ya hao ho Modimo, o buang puo tse tjee, ka molomo wa hao?


Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo.


O a ba sireletsa, ba be ba rue letshepa, athe metsamao ya bona yona o e disitse.


Lefatshe le matsohong a ba kgopo, o kwahela baahlodi ba lona ka lesira mahlong; haeba e se yena, ebe jwale ke mang?


ka letsoho la hao mpholose Morena, mpholose ho batho bana ba lefatshe, bao moputso wa bona o leng bophelong bona. Ba kgorise sa mpanaphatloha, ba kgorise ka tseo o ba boloketseng tsona; le bana ba bona ba tla di kgotsofalla, ba tle ba di siele le ditloholo tsa bona.


Pesalema ya Davida. O se ke wa itlhonamisa ka ba etsang bokgopo, o se ke wa honohela ba etsang tse sa lokang.


Ke bone motho ya kgopo, motho wa mohatelli, a atleha sa fate sa leholela;


hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona katleho ya ba kgopo.


Motho wa lewatla a ke ke a e tseba, sethoto se ke ke sa e utlwisisa.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Jwalokaha serobe se ye se tlale dinonyana, matlo a bona le wona a tletse thetso, kahoo ba a matlafala, leruo la bona le ate.


Ba a rotoloha, ba be moropotsana, ketso tse kgopo tsa bona ke tse se nang moedi; ha ba ahlole dinyewe ka toka, ha ba buelle dikgutsana dinyeweng, ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.


Ba fefola sa moya o foka, o ba o feta, ba fefola jwalo, ebe ba a ikela; banna bana ke banna ba sehloho, matla ke wona modimo wa bona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos