Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 47:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O ne o tla phomola jwang, ha Jehova a o laeditse bakeng sa Ashkelone le bakeng sa lebopo la lewatle? Ke moo a e lebisetsang teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 E ka kgutsa jwang, Morena a e neile taelo, taelo ya ho futuhela Ashekelone, ya ho futuhela naha tse bopong la lewatle? Ke hona moo Morena a e laoletseng teng.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 47:7
15 Referencias Cruzadas  

Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.


Ke laotse bakgethwa ba ka, ke bitsitse le bahale ba ka, ba tle ba etse phetetso ya ka, e leng ba thabelang boholo ba ka.


Hleka ha o a ka wa utlwa hobane kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.


Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.


Leha ke be nka tlisa lerumo lefatsheng lena, ka re: Lerumo a le ke le tsamaye le lefatshe, ka ba ka kgaola batho le dikgomo teng,


Mme wena, mora motho, o porofete, o ope ka diatla tsa hao, lerumo le ke le kgehlepele habedi, hararo: ke lerumo le bolayang, lerumo le bolayang ba baholo, le ba teelang hare ka nqa tsohle.


Busetsa lerumo selateng sa lona! Ke tla o ahlola nqalong eo o bopileng ho yona, lefatsheng leo o hlahileng ho lona,


Mora motho, porofeta, o re: Jehova o re: Ere: Lerumo ke leo! lerumo ke leo! le leoditswe, le bile le bentshitswe.


ka baka leo, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla otlollela Bafilesta letsoho la ka, ke kgaole Bakerethe, ke timetse ba setseng pela lebopo la lewatle.


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


Lentswe la Jehova le howeletsa motse. Ya bohlale o tla hlokomela lebitso la hao, ha o re: Elang thupa hloko le ya e laelang.


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos