Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 47:7 - BIBELE

7 E ka kgutsa jwang, Morena a e neile taelo, taelo ya ho futuhela Ashekelone, ya ho futuhela naha tse bopong la lewatle? Ke hona moo Morena a e laoletseng teng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O ne o tla phomola jwang, ha Jehova a o laeditse bakeng sa Ashkelone le bakeng sa lebopo la lewatle? Ke moo a e lebisetsang teng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 47:7
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata.


Mokgetho wa bahlabani ba ka ke se ke o laetse, bahale ba ka ke ba bitsitse, ho phethahatsa kgalefo ya ka, bona ba thabelang ho hlola ha ka.


“Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, e be masupi.


“Ya sa natseng mosebetsi wa Morena a rohakehe! Ya sa tsholleng madi ka sabole a rohakehe!”


“Kapa ha nka bolaya baahi ba naha eo ka sabole, mme ka re: ‘Sabole a e ke e bolaye baahi ba naha ena!’ ebe ke bolaya batho ba yona le diphoofolo tsa yona;


“Porofeta, ngwana motho, o be o ope diatla, sabole e hlathe habedi, e hlathe hararo, sabole ya ho ba bolaya e ba etsa mofela, e ba etseditse sakana-la-nkope.


Busetsa sabole selateng sa yona, ke tla o ahlolela naheng ya heno, naheng eo o tswaletsweng ho yona.


“Wena ngwana motho, porofeta, o re: ‘Morena o bua tjena: “ ‘Sabole ke eo! Sabole ke eo! E leoditswe ya ba ya tshotswa.


Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Bafilesita, ke bolaye Bakerete, ke timetse le masalla a ba phelang lebopong la lewatle.


Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?


Ya bohlale o tshaba lebitso la Morena. Morena o ipiletsa ho motse, o re: “Lona tjhaba se phuthehileng, se phuthehetseng mona, mamelang!


Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos