Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 47:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jo! Sabole ya Jehova, o tla phomola neneng? Kgutlela selateng sa hao, o kgutse, o eme!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Wena sabole ya Morena, o tla phomola neng? Boela selateng sa hao, o phomole, o ikgutsetse.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 47:6
20 Referencias Cruzadas  

Ebile Abnere o howeletsa Joabe, a re: Na lerumo le tla nne le je ka ho sa feleng na? Na ha o tsebe hobane qetellong ho tla baba na? Ke neng o tla bolella batho ba hao hore ba lese ho phallela banababo bona?


Mme Jehova a laela lengeloi hore le busetse sabole ya lona selateng.


Tsoha, Jehova, o ba futuhele, o ba dihe! O mpoloke ka lerumo la hao ho bakgopo;


Na selepe se ka ithoka ho ya remang ka sona na? Le sakga na e ka ithorisa ho ya sakgang ka yona na? Teng, ho ka ba jwaloka hoja thupa e ka sisinya letsoho la ya e emisang, kapa lere le ka emisa hoo e seng sefate.


Ho madimabe Assiria, thupa ya bohale ba ka, leha ke beile molamu wa kgalefo ya ka matsohong a hae!


Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.


Lefatshe le tla nne le lle ho le hokae, jwang ba dinaha tsohle bo omelle ho isa kae na? Ka baka la bolotsana ba baahi ba lona, diphoofolo le dinonyana di timetse, hobane ba re: A ke ke a bona bofello ba rona.


Ke tla bea dikotsi tse mefuta e mene ho bona, ho bolela Jehova; e tla ba lerumo ho bolaya, le dintja ho harola, le manong a lehodimo, le dibatana tsa lefatshe ho ja le ho senya.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nwang, le tahwe, le hlatse, mme le we le se na ho tsoha pela lerumo leo ke le romelang hara lona.


Ke tla bona folaga ho isa hokae, ke utlwe modumo wa terompeta ho isa kae na?


Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.


Lerumo le hodima Bakalde, ho bolela Jehova, le hodima baahi ba Babilona, le hodima marena a hae, le hodima ba bohlale ba hae.


Leha ke be nka tlisa lerumo lefatsheng lena, ka re: Lerumo a le ke le tsamaye le lefatshe, ka ba ka kgaola batho le dikgomo teng,


Busetsa lerumo selateng sa lona! Ke tla o ahlola nqalong eo o bopileng ho yona, lefatsheng leo o hlahileng ho lona,


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?


Yaba dihlopha tse tharo di letsa diterompeta, tsa pshatla dinkgo, mme ba tshwara e mong le e mong serumula ka letsoho le letshehadi, le terompeta ka letsoho le letona, ba di letsa, ba howa, ba re: Sabole ya Jehova le ya Gideone!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos