Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 44:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke tla otla ba ahileng lefatsheng la Egepeta, jwalokaha nkile ka otla Jerusalema ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ba ahileng Egepeta ke tla ba otla ka sabole le ka sekoboto le ka lefu la sewa, jwalokaha ke ile ka otla Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 44:13
11 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke se ke tla ba otla, ba batjha ba shwe ke lerumo, bara ba bona le baradi ba bona ba shwe ke tlala.


Ya ka salang motseng ona, o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu la sewa; empa ya tswang ho ya ipea ho Bakalde ba le thibeletseng, o tla phela; bophelo ba hae e tla ba kgapo ya hae.


Ke tla romela lerumo hara bona, le tlala, le lefu la sewa, ba tle ba fele lefatsheng leo nkileng ka le neela bona le bontata bona.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


ha le ka fela la etsa jwalo, mamelang lentswe la Jehova, lona masala a Juda. Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ha le ka phehella ho ya Egepeta, la ya jaka teng;


lerumo leo le le balehelang le tla le fihlela teng lefatsheng la Egepeta, le tlala eo le e balehelang e tla le kgomarela Egepeta, le shwele teng.


Batho kaofela ba ka phehellang ho ya Egepeta le ho aha teng, ba tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; ha ho ka ke ha eba ya tlolang wa bona, leha e le ya phonyohang pela bobe boo ke tla ba hlahisetsa jona.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Jwalokaha nkile ka tshollela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima baahi ba Jerusalema, ke tla tshollela kgalefo ya ka hodima lona, ha le ka ya Egepeta; le tla etswa nyefolo, le makatso, le thohako, le nyediso, mme le ke ke la boela la bona nqalo ena.


O tla tla, a senye lefatshe la Egepeta; ya lokelang lefu a ye lefung, ya lokelang kgoleho a ye kgolehong, ya lokelang lerumo a ye lerumong.


Hobane ba se ba tla falla ka baka la tshenyeho, Egepeta o tla ba bokella, Memfise a ba epele. Ntho tse ntle tsa bona tsa silefera di tla apeswa ke bobatsi, meutlwa e mele matlung a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos