Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 44:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke tla tshwara ba setseng ba Juda ba pheheletseng ho kena lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba timele kaofela; ba tla wa lefatsheng la Egepeta, ba timele ke lerumo le tlala, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba shwe ke lerumo le tlala, ba etswe thohako, le sebabatso le manyala, le hlapa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ke tla nka Bajuda ba masalla, ba ngangeletseng ho ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng. Kaofela ha bona ba tla timetswa, ba shwele naheng ya Egepeta. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto; ba tla shwa bohle ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba bolawe ka sabole, ba bolawe ke sekoboto. Ba tla nyediswa, e be sesomo, ba rohakehe, ba nyefolwe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 44:12
18 Referencias Cruzadas  

Empa bahanyetsi le baetsadibe ba tla thuhwa hammoho, ba kwenehetseng Jehova ba ya timela.


Le tla siela bakgethwa ba ka lebitso la lona e le thohako, mme Morena Jehova o tla le bolaya; haele bahlanka ba hae, o tla ba bitsa ka lebitso le leng,


Ba tla shwa mafu a mabe, ba sa llelwe, ba sa epelwe, mme e tla ba moitedi hodima lefatshe; ba tla bolawa ke lerumo le ke tlala, ditopo tsa bona di jewe ke manong a lehodimo le ke dibatana tsa lefatshe.


ba entse lefatshe la bona makatso le sesomo ka ho sa feleng, hore e mong le e mong ya tla feta ka lona a tle a makale, a sisinye hlooho ya hae.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.


Ke tla ba phallela ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa; ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, e nne e be thohako, le makatso, le sesomo, le nyediso hara ditjhaba tsohle moo ke qhalanyetsa teng;


Ho tla nkwa lentswe la thohako ho bona ke ba kgoleho kaofela ba Juda ba leng Babilona, ba tla re: Jehova a ke a o etse jwaloka Tsedekia le jwaloka Akabe, bao morena wa Babilona a ba tjhesitseng mollong.


Yaba balaodi kaofela ba makgotla, ba ena le Johanane, mora Karea, le Jesania, mora Hosea, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le ba baholo, ba atamela,


Jwale he, le ke le itsebele hobane le tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa, nqalong eo le ithatetseng ho ya aha teng.


O tla tla, a senye lefatshe la Egepeta; ya lokelang lefu a ye lefung, ya lokelang kgoleho a ye kgolehong, ya lokelang lerumo a ye lerumong.


Jehova o sitilwe hore a nne a iphapanye le bolotsana ba diketso tsa lona le manyala ao le neng le a etsa; ke moo lefatshe la lona le entsweng tshenyeho, le sebabatso, le thohako, lefatshe le se nang moahi, kamoo ho ntseng ho le kateng tsatsing lena.


Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.


Hobane ba se ba tla falla ka baka la tshenyeho, Egepeta o tla ba bokella, Memfise a ba epele. Ntho tse ntle tsa bona tsa silefera di tla apeswa ke bobatsi, meutlwa e mele matlung a bona.


Jwalokaha le kile la ba thohako hara ditjhaba, lona ntlo ya Juda, le lona ntlo ya Iseraele, ke tla le pholosa jwalo, mme le tla ba hlohonolofalo. Se tshoheng, matsoho a lona a ke a tiye!


Etlare hobane a mo nose metsi ao, ho tla etsahala hore, ha a fela a itshentse, mme a sitetswe monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba; mpa ya hae e tla kokomoha, letheka la hae le omelle, mme mosadi eo e tla ba thohako hara setjhaba sa habo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos