Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bolellang ditjhaba, le tsebise Jerusalema, le re: Ba tlang ho mo patela ka ntwa ba tswa lefatsheng le hole, mme ka mehoo ba lwantsha metse ya Juda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 “Tsena o di tsebise ditjhaba tsohle, o phatlalletse le Jerusalema: ‘Mara a thibellang a tswa naheng e hole, a futuhela metse ya Juda ka mehoo ya ntwa,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:16
18 Referencias Cruzadas  

Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!


Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.


Hobane bonang, ke a mema ditjhaba kaofela tsa mebuso ya leboya, ho bolela Jehova, hore di tle di bee se seng le se seng terone ya sona mabaleng a menyako ya Jerusalema, le pela marako a teng kaofela ka ho a kopela hare, le pela metse yohle ya Juda.


Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.


Ditawana di a mo purumela, di dumisa mantswe a tsona, di fetola lefatshe la hae tshenyeho feela; metse ya hae e tjhesitswe, e hlokile moahi.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Tsedekia, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome, Nebukadresare, morena wa Babilona, a tla le makgotla a hae kaofela ho lwantsha Jerusalema, mme ba o thibella.


Ba mo teela hare jwalokaha ho etswa ke balebedi ba tshimo, kahobane a nkwenehetse, ho bolela Jehova.


Bonang, lona ntlo ya Iseraele, ke ya le tlisetsa setjhaba se hole, ho bolela Jehova, setjhaba se matla, setjhaba sa kgale, seo o sa utlweng puo ya sona, o sa utlweng seo se se bolelang.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


Ka baka leo, utlwang, lona ditjhaba, mme wena phutheho ya ditjhaba, o tsebe se tla ba hlahela.


Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, setjhaba se ya tswa lefatsheng la Leboya, setjhaba se seholo se ya hlaha se tswang dipheletsong tsa lefatshe.


Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlometse jwaloka motho ya o futuhelang, wena moradi wa Sione.


Utlwang lentswe la pokollo ya moradi wa setjhaba sa ka le tswang lefatsheng le hole: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena wa hae ha a sa le ho yena na? Ba nkgalefisitse keng ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng, ka masawana a ditjhaba?


Bonang, se nohang se letsohong la hae le letona: Ke Jerusalema! Ho tla bewa dipheleu, ho etswe mehoo polaong, ho hlajwe mokgosi, ho bewe dipheleu ho bolaya mamati a menyako, ho hahuwe ditutudu, ho hahuwe lerako le potang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos