Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ba mo teela hare jwalokaha ho etswa ke balebedi ba tshimo, kahobane a nkwenehetse, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 a e teela hare sa banna ba lebetse tshimo, hobane e mphetohetse,’ ” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:17
16 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.


Wa nna wa iphapanya le bona ka lemo tse ngata, wa nna wa paka hara bona ka moya wa hao, wa bua le ka baporofeta ba hao; ba mpa ba se ke ba sekeha tsebe. Ka baka leo, wa nna wa ba neela matsohong a ditjhaba tsa mafatshe.


Moradi wa Sione o siilwe jwaloka lephephe tshimong ya merara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o dikeditsweng ka sera.


Hobane ke setjhaba se ikgantshang, ke bana ba leshano, bana ba hanang ho utlwa molao wa Jehova;


Empa setjhaba seo se na le pelo e hanyetsang, e ikgantshang; ba kwenehile, mme ba ile.


Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.


Jehova o lokile, hobane ke ikgantsheditse ditaelo tsa hae. Mamelang hle, ditjhaba kaofela, le bone bohloko ba ka; barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kgolehong.


Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.


Le ikgantsheditse Jehova haesale le mohla ke qadileng ho le tseba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos