Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane mokgosi ke oo o llang, o tswa Dane, mme o utlwahala thabeng ya Efraime, o bolela tlokotsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Mokgosi o utlwahala o etswa Dane, o hlajwa thabeng ya Efraime ho bolela tlokotsi!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:15
8 Referencias Cruzadas  

A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Ho utlwahala modumo; bonang, o se o etla, ke moferefere o moholo o tswang lefatsheng la Leboya, ho fetola metse ya Juda masupi, letsaba la diphokojwe.


Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo.


Modumo wa dipere tsa hae o utlwahetse Dane, fatshe lohle le reketla ke dillo tse tshabehang tsa tsona; ba ya tla ho bolaya naha le tseo e tletseng tsona, metse le baahi ba yona.


Joshua a re ho bona: Ha le le batho ba bangata, eyang morung, le ikgathele teng fatsheng la Baferese le la Barefaime, ha thaba ya Efraime e sa le lekane.


Yaba ba khetha Kedeshe wa Galelea, thabeng ya Nefthali, le Sikeme, thabeng ya Efraime, le Kiryath-Arba, e leng Hebrone, thabeng ya Juda.


Mme motse oo ba o rea lebitso la Dane, ka lebitso la Dane ntata bona, ya neng a tswaletswe Iseraele. Empa bitso la pele la motse e ne e le Laishe.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos