Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:15 - BIBELE

15 Mokgosi o utlwahala o etswa Dane, o hlajwa thabeng ya Efraime ho bolela tlokotsi!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane mokgosi ke oo o llang, o tswa Dane, mme o utlwahala thabeng ya Efraime, o bolela tlokotsi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:15
8 Referencias Cruzadas  

A matle hakaakang maoto a ba tsamayang hodima dithaba, bona ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa kgotso ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa topollo, ba reng ho Sione: “Modimo wa hao o a busa!”


Mamela! Molaetsa ke ona o a tla! Morusu o moholo o hlaha naheng e ka leboya! Metse ya Juda e tla fetolwa nanaola, e fetohe dilao tsa diphokojwe.


“Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.


Ho kgorohla ha pere tsa Sera ha utlwahala, ha utlwahala ho etswa Dane, naha yohle ya thothomela ha e utlwa ho tsetsela ha pere tsa dishoqopa, hoba di tlile ho tla timetsa naha, ho timetsa le tsohle tse leng ho yona: Motse le baahi bohle ba wona.”


Yaba Joshua o re ho bona: “Haeba le le setjhaba se seholo, nyolohelang morung mane, mme le hleke difate naheng ya Baperise, le ya Barefaime, hobane sebaka sena sa naha e maralla se senyenyane bakeng sa lona.”


Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.


Motse oo ba o rea lebitso la Dane, ba o reella ntata bona Dane, eo e neng e le mora wa Iseraele. Pele ho moo motse oo o ne o bitswa Laishe.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos