Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa haele mafutsana a setjhaba, a se nang eng le eng, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a a tlohela lefatsheng la Juda, a ba a a nea masimo a merara le masimo a lengwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Empa Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a tlohela karolo e nngwe ya mafutsana a naheng ya Juda, mme a a fa masimo a dijo le dirapa tsa morara.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:10
8 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, molaodi wa bahlabani ba morena a siya mafutsana a lefatshe, hore a leme masimo a merara le masimo a mang.


Mehleng eo, motho e mong le e mong o tla alosa sethole se le seng le dinku tse pedi.


Haele nna, bonang, ke ya aha Mitspe ho ema pela Bakalde ba tlang ho rona; mme lona, le bokelle veine le ditholwana le ole, le di bee dipitseng tsa lona; mme le ahe metseng eo le leng ho yona.


Balaodi kaofela ba makgotla a leng naheng, ba ena le batho ba bona, eitse ha ba utlwa hobane morena wa Babilona o beile Gedalia, mora Akikame, ho disa lefatshe, le hobane o beile matleng a hae banna, le basadi, le bana, le ba banyenyane ba lefatshe, ba neng ba sa ka ba iswa kgolehong, Babilona;


e le banna, le basadi, le bana, le baradi ba morena, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba siile ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, le yena moporofeta Jeremia, le Baruke, mora Neria;


Empa hara mafutsana a lefatshe, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a siya balemi ba merara le ba masimo.


Mora motho, ba ahileng dithakong tsane, lefatsheng la Iseraele, ba bolela hore: Abrahama o ne a le mong; leha ho le jwalo, a rua lefatshe; rona, re bangata, lefatshe lena re le neilwe hore re le rue.


Yaba ke alosa dinku tse bolawang, hara tsona ho le tse fokolang tsa mohlape, mme ka inkela thupa tse pedi, e nngwe ka e rea Mohau, e nngwe ka e rea Ditlamo, ka ba ka alosa mohlape.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos