Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:10 - BIBELE

10 Empa Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a tlohela karolo e nngwe ya mafutsana a naheng ya Juda, mme a a fa masimo a dijo le dirapa tsa morara.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa haele mafutsana a setjhaba, a se nang eng le eng, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a a tlohela lefatsheng la Juda, a ba a a nea masimo a merara le masimo a lengwang.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:10
8 Referencias Cruzadas  

Empa molaodi wa balebedi a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo.


Tsatsing leo motho o tla rua kgomo e le nngwe le dikgutshwane tse pedi,


Ha e le nna ke tla aha motseng wa Misepa, ke be molomo wa lona ho Bakalatiya ba tlang ho rona, empa lona le lokela ho ya kotula morara le ditholwana tse jewang hlabula, le ole, le e tshele dinkgong tsa lona, le iphelele metseng eo le leng ho yona jwale.”


Ha balaodi bohle ba mabotho, hammoho le bahlabani ba bona ba neng ba le naheng eo, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, hore e be mmusi wa naha, le hore banna, basadi, bana le mafutsana a naha eo, le bohle ba ileng ba sala naheng eo, ba beilwe tlasa hae,


Ba nka le banna le basadi, le bana le baradi ba kgosi, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a ba siile le Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, le moporofeta Jeremia, le Baruke, mora wa Neriya.


Nebusaradane a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo.


“Wena ngwana motho, setjhaba se ahileng dithakong tsa naha ya Iseraele se re: ‘Aborahama o ne a le mong to! empa naha ena o ile a e fuwa. Rona re bangata, mme le rona naha ena re e filwe hore e be lefa la rona.’


Kahoo ke ile ka alosa mohlape o tla hlajwa, haholoholo o neng o tlatlapuwa. Ka nka melamu e mmedi: O mong ka re ke Mohau, o mong ka re ke Kutlwano; yaba ke alosa mohlape jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos