Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:9
20 Referencias Cruzadas  

Bamidiane ba mo rekisa Egepeta ho Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi.


Haele bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya borena ya morena wa Babilona.


Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba tshwara, a ya le bona ho morena wa Babilona, Ribla.


Ka baka leo, setjhaba sa ka se se se ya kgolehong se sa lemohe, baholo ba hlomphehang ba sona ba lapa, bongata ba sona bo omella ke lenyora.


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya betsa baahi ba lefatshe ka letjeketjane, ke ya ba patisa, ba tle ba tshwarwe.


Ka bake leo, ke tla le lelekisa lefatsheng lena, ke tle ke le ise lefatsheng le sa tsejweng ke lona le bontata lona, mme le tla sebeletsa medimo esele teng, motshehare le bosiu, hobane ha ke sa na ho le rekolohela.


Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.


Morena Tsedekia a bolella Jeremia, a re: Ke mpa ke tshabana le Bajuda ba ineetseng Bakalde, esere ka neelwa matsohong a bona, ba bapala ka nna.


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, hobane Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a mo kgutlisa Rama, kamoo a neng a ile le yena kateng, a mo tlamile ka mahlaahlela, a le hara ba tshwerweng kaofela ba Jerusalema le ba Juda ba iswang kgolehong Babilona.


Balaodi kaofela ba makgotla a leng naheng, ba ena le batho ba bona, eitse ha ba utlwa hobane morena wa Babilona o beile Gedalia, mora Akikame, ho disa lefatshe, le hobane o beile matleng a hae banna, le basadi, le bana, le ba banyenyane ba lefatshe, ba neng ba sa ka ba iswa kgolehong, Babilona;


Bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba tshwara, a ba isa ho morena wa Babilona, Ribla.


Morena wa Babilona a ba otla, a ba bolaela Ribla, lefatsheng la Hamathe. Juda a falatswa jwalo lefatsheng la hae, a iswa kgolehong.


Yaba Daniele o bua ka bohlale le ka kutlwisiso le Arioke, hlooho ya bahlabani ba morena, ya neng a tswile ho bolaya babohlale ba Babilona,


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.


Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos