Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 33:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ho itswe ke Jehova: Haele nqalo ena eo lona le reng: E sentswe, ha e na batho leha e le dikgomo; leha e le metse ya Juda le diterata tsa Jerusalema tse dithako, tseo ho seng motho teng, leha e le moahi, leha e le kgomo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Morena o bua tjena: Naheng ena eo lona le reng: ‘Ke nanaola, ha ho na batho, ha ho na diphoofolo ho yona,’ le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tseo e leng dithako, moo ho seng batho kapa baahi, leha e le tsona diphoofolo,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 33:10
9 Referencias Cruzadas  

Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena.


Oho Jehova, o re bontshe mohau wa hao, o re sitse ka poloko ya hao.


O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.


Mme jwale, ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o bolela bakeng sa motse ona oo lona le reng: O ya neelwa matsohong a morena wa Babilona, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa;


Ho sa tla rekwa masimo lefatsheng lena, leo lona le reng ke lesupi le se nang batho leha e le dikgomo, le neetswe matsohong a Bakalde.


Bonang, ke a laela, ho bolela Jehova, mme ba tla boela ho motse ona, ba o lwantshe, ba o hape, ba o t hese ka mollo, le metse ya Juda ke e etse lefeella le sa neng baahi.


Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.


Ke tla sohlokanya naha ya lona, ho fihlela dira tsa lona tse tlang ho aha ho yona di makala.


Hleka ho lona ke nako ya ho dula matlung a lona a manehilweng ka dipolanka, athe ntlo ena ke lesupi?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos