Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 33:10 - BIBELE

10 “Morena o bua tjena: Naheng ena eo lona le reng: ‘Ke nanaola, ha ho na batho, ha ho na diphoofolo ho yona,’ le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tseo e leng dithako, moo ho seng batho kapa baahi, leha e le tsona diphoofolo,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ho itswe ke Jehova: Haele nqalo ena eo lona le reng: E sentswe, ha e na batho leha e le dikgomo; leha e le metse ya Juda le diterata tsa Jerusalema tse dithako, tseo ho seng motho teng, leha e le moahi, leha e le kgomo;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 33:10
9 Referencias Cruzadas  

O tiisitse mekwallo, mekwallo ya dikgoro tsa hao, a hlohonolofatsa bana ba hao ba phelang ho wena.


Na o ke ke wa boela wa re phedisa, setjhaba sa hao se tle se o thabele?


Ke ka baka lang ha o porofeta ka lebitso la Morena, o re: ‘Tempele ena e tla tshwana le Shilo, motse ona o tla fetoha lesupi, o hloke baahi?’ ” Yaba setjhaba sohle se bokanela Jeremia ka Tempeleng ya Morena.


“Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ka motse ona, oo ha o bua ka wona o reng: ‘Motse ona o tla newa kgosi ya Babilona ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.’


Naheng ena eo lona le reng ‘ke nanaola, ha ho na batho kapa diphoofolo, ho se ho neelanwe ka yona matsohong a Bakalatiya,’ ho tla rekwa masimo.


Bonang, ho rialo Morena, ke tla ba laela, ke be ke etse hore ba kgutlele motseng ona. Ba tla o futuhela, ba o hape, ba be ba o tjhese ka mollo. Ke tla etsa hore metse ya Juda e be lehwatata le se nang baahi.”


Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, masapo ana a tshwantsha bohle ba ntlo ya Iseraele. Ha ba bua ba re: ‘Masapo a rona a omeletse, re feletswe ke tshepo, re timeletswe.’


Naha ya lona e tla fetoha nanaola, mme dira tsa lona tse ahileng moo di tla e makalla.


“Na ee ke yona nako ya hore lona le dule matlung a kgabisitsweng, ha Tempele ee yona e ntse e le dithako?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos