Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 33:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 33:11
47 Referencias Cruzadas  

Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.


Rorisang Jehova, le rapele lebitso la hae; tsebisang hara ditjhaba diketso tsa hae tse phahameng.


A etsa morero le setjhaba; yaba o bea dibini tse tla binela Jehova di apere ka bokgabane bo kgethehileng, di eteletse makgotla pele, di re: Bokang Jehova, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!


Yaba Esekiase o bua, a re: Jwale, ha le fela le ikgethetse Jehova, le atamele, mme le tlise mahlabelo le dimpho tsa teboho tlung ya Jehova. Ba phutheho ba tlisa mahlabelo le diteboho, mme bohle ba pelo di ratang ba hlahisa ditjheso.


ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;


Bana bohle ba Iseraele ba bona mollo le kganya ya Jehova ha di theohela tlung, mme ba inama ba kobotetse fatshe, ba kgumama, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Ba etsa mokete wa mohobe a se nang ditomoso ka tshiu tse supileng ka thabo; ka hobane Jehova a ne a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ya morena wa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing wa ntlo ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


Tsatsing leo, Baiseraele ba hlaba mahlabelo a maholo, mme ba thaba, hobane Modimo o ne o ba thabisitse ka thabo e kgolo; esita le basadi le bana ba nna ba thaba, thabo ya Jerusalema ya ba ya utlwahala hole.


Yaba setjhaba kaofela se tloha ho ya ja le ho nwa, le ho romela ba bang diabo, le ho etsa monyaka o moholo; kahobane ba ne ba utlwisitse mantswe ao ba a boleletsweng.


Bokang Jehova! Rorisang Jehova, hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng.


Ba mo hlahisetse mahlabelo a teboho, ba bolele diketso tsa hae ka dipina.


Ke tla o hlahisetsa sehlabelo sa teboho, ke rapele lebitso la Jehova.


Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena.


Oho Jehova, o re bontshe mohau wa hao, o re sitse ka poloko ya hao.


Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla, ba boele Sione ka difela tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo di tla tla ho ba kgahlanyetsa, bohloko le masisapelo di balehe.


Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.


Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.


Utlwa dibohodi tsa hao! Di phahamisa lentswe, di etsa mohoo wa nyakallo hammoho, hobane di bona ka mahlo kamoo Jehova a kgutlelang Sione kateng.


Dumisang ditlatse hammoho le nyakallo, lona masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse setjhaba sa hae, o lopolotse Jerusalema.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgutsisa nqalong ena, pela mahlo a lona le mehleng ya lona, lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.


Ba tla tloha metseng ya Juda, le mathokong a Jerusalema, le naheng ya Benjamine, le lehwatateng, le thabeng, le nqeng ya borwa, ba tlise ditjheso, le mahlabelo, le dinyehelo, le dibano, ba tlise le dineo tsa diteboho ka tlung ya Jehova.


Ke tla kgutsisa ho bona lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, modumo wa lelwala le lesedi la lebone.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Ho tla nne ho tswe ho yona diteboho le lentswe la ba nyakallang; ke tla ba anafatsa, ba se ke ba hlola ba boba, ke tla ba tlotlisa, ba tle ba se ke ba kgeswa.


Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.


Masimo a tla nne a rekwe ka tjhelete, ba tla nne ba ngole mangolo a theko, ba a tiise, ba nke dipaki lefatsheng la Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e thabeng, le metseng ya lehwatata, le metseng e ka nqa borwa; hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba bona, ho bolela Jehova.


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


ke busetse ba hapilweng ba Juda le ba hapilweng ba Iseraele, ke boele ke ba ahise jwaloka mehleng ya pele.


Mme metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke tla kgutsisa lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane lefatshe le tla be le entswe lesupi.


Ke tla lokolla setjhaba sa ka sa Iseraele kgolehong ya sona, mme ba tla tsosa metse e senyehileng, ba ahe ho yona; ba tla hloma masimo a merara, ba nwe veine ya wona; ba tla hloma le dirapa tsa difate, ba je le ditholwana tsa tsona.


empa nna, ke tla o hlabela mahlabelo ka dipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng. Poloko ke ya Jehova!


Jehova o molemo; ke setshabelo tshiung ya tlokotsi, o tseba ba mo tshepileng.


Duduetsa ka thabo, moradi wa Sione! Iseraele, o hlabe ditlatse! O thabe, o be o nyakalle ka pelo yohle, wena moradi wa Jerusalema!


Efraime o tla ba jwaloka mohale, pelo tsa bona di tla thaba jwaloka eka ba nwele veine. Bana ba bona ba tla tla ho bona, ba be ba thabe, pelo tsa bona di nyakallele ho Jehova.


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos