Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 E mong hara lona ha a baba, a bitse baholo ba kereke, mme ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka ole ka lebitso la Morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Na ho teng ya kulang hara lona? a bitse baholo ba phutheho; ba mo rapelle, ba mo tlotse ka ole ka lebitso la Jehova.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Na ho teng ya kulang hara lona? a bitse baholo ba phutheho; ba mo rapelle, ba mo tlotse ka ole ka lebitso la Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 5:14
11 Referencias Cruzadas  

Ebile o paqama hodima ngwana hararo, a howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa ka, moya wa ngwana a o ke o boele ka ho yena!


A kena, a ikwalla le yena ba babedi ka lemati, a rapela Jehova.


Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.


ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


Ba leleka batemona ba bangata, mme ba tlotsa ba kulang ba bangata ka ole, ba ba fodisa.


Ba fela ba etsa hoo, mme ba di romela ho baholo ba phutheho ka matsoho a Barnabase le Pauluse.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Yare ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa hantle ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo; mme ba ba bolella tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona.


Ntata Publiuse o ne a robetse fatshe, a jewa ke febere le ke ho tsholla. Pauluse a mo tjhakela, mme hobane a rapele, a mmea matsoho hodimo, a mo fodisa.


Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.


Taba eo ke o siileng Kreta ba baka la yona, ke hore o qetelle ho lokisa tse esong ho lokiswe, mme o bee baholo metseng yohle, jwalokaha nkile ka o laela;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos