Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 5:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme thapelo e entsweng ka tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa diphateng; mme ekare ha a entse dibe, o tla tshwarelwa tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Mme thapelo ya tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa; mme ekare ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Mme thapelo ya tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa; mme ekare ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 5:15
18 Referencias Cruzadas  

Mme ha ho motho ya ahileng Jerusalema ya tla re: Ke bohloko! Setjhaba se ahileng teng se tshwaretswe dibe.


Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.


Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele.


Mme ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se lahle letho la tsohle tseo a nneileng tsona, ke mpe ke di tsose ka letsatsi la bofelo.


Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.


re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu, o tla re tsosa le rona ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.


Feela, a kope ka tumelo, a se ke a dikadika; hobane motho ya dikadikang o jwaloka leqhubu la lewatle le tsukutlwang, le akgelwang hohle ke moya.


E mong hara lona ha a le mahlomoleng, a rapele. E mong ha a thabile, a bine difela.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


eo a ke a tsebe hobane ya kgutlisitseng moetsadibe kgelohong ya hae, o pholositse moya lefung, mme o apesitse dibe tse ngatangata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos