Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 5:14 - BIBELE

14 Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 E mong hara lona ha a baba, a bitse baholo ba kereke, mme ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka ole ka lebitso la Morena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Na ho teng ya kulang hara lona? a bitse baholo ba phutheho; ba mo rapelle, ba mo tlotse ka ole ka lebitso la Jehova.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Na ho teng ya kulang hara lona? a bitse baholo ba phutheho; ba mo rapelle, ba mo tlotse ka ole ka lebitso la Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 5:14
11 Referencias Cruzadas  

A paqama hodima setopo ka makgetlo a mararo, a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, ke a o rapela! Moya wa ngwana enwa a o ke o kgutlele ka ho yena hape.”


Yaba o a kena, o ikwalla le ngwana, o rapela Morena.


Empa Naamane a halefa, a tsamaya a ntse a re: “A ke le boneng! Ke ne ke hopotse hore motho enwa o tla tla ka seqo, a tlo ema kapele ho nna, a rapele Morena Modimo wa hae, mme ka letsoho la hae a pholle moo lepera le leng teng, ebe le a fola.


ba tshware dinoha ka matsoho, mme leha ba ka nwa tjhefo efe kapa efe, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea bakudi matsoho, mme ba tla fola.”


ba leleka bademona ba bangata, mme ba tlotsa bakudi ba bangata ka ole, ba ba fodisa.


Ba fela ba etsa jwalo, ba di romela ho baholo ka Baranabase le Saule.


Ha ba se ba ba kgethetse baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ba rapela, ba itima dijo, mme ba ba bea matsohong a Morena eo ba dumetseng ho yena.


Ha ba fihlile Jerusalema, ba amohelwa ke kereke le baapostola le baholo, mme ba beha tsohle tseo Modimo a ileng a di etsa ka bona.


Jwale ha etsahala hore ntata Poboleose a robale fatshe, a tshwerwe ke feberu le letshollo le lefubedu. Paulosi a kena, a rapela, a mmea matsoho, mme a mo fodisa.


Hoba Petrose a ntshetse bohle kantle, a kgumama, a rapela; a ntano retelehela setopong, a re: “Tabitha, tsoha!” Tabitha a tutuboloha, mme ha a bona Petrose, a dula.


Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos