Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.
Bana ba banyenyane ba lona, bao le neng le re, ba tla hapuwa, le bana ba lona ba sa tsebeng botle leha e le bobe kajeno lena, bona ba tla kena, ke tla nea bona lefatshe, mme ke bona ba tla le rua.