A nka sereledi le lebese la motsididi, le nama ya namane e phehilweng hantle, tsena a di bea kapele ho bona; yena a ema pela bona, tlasa sefate, ha ba ntse ba eja.
Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.
Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.
Masea a lona, ao le ileng la re e tla ba bathopuwa, le bana ba lona, bao kajeno ba esong ho tsebe botle kapa bobe, ba tla kena naheng eo. Ha e le bona ke tla ba nea yona, mme e tla ba ya bona.