Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa ngwana ha a eso ho tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle, lefatshe leo o tshabang marena a lona a mabedi, le tla senyeha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Empa etlare moshanyana a eso tsebe ho kgesa bobe, le ho ikgethela ho lokileng, naha ya dikgosi tsena tse pedi, tseo o di tshabang, e tla fetoha nanaola.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 7:16
12 Referencias Cruzadas  

Morena wa Assiria a mo utlwa; morena wa Assiria a fela a futuhela Damaseka, a o kena, mme a isa ba teng Kire kgolehong, a bolaya le Retsine.


E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Hobane ngwana he a eso ho tsebe ho re: Ntate! mme! matlotlo a Damaseka le thepa ya Samaria di tla nkwa ke morena wa Assiria.


Jehova o ya ba hlahisetsa dira tsa Retsine tse ba fetisang ka matla, a tsose dira tsa Iseraele.


ke le lahle, le tle le tloswe pela ka, jwalokaha ke setse ke lahlile banababo lona bohle, e leng leloko la Efraime kaofela.


Nna ke tseba Efraime, mme Iseraele ha a patehe ho nna; hobane jwale o a feba, Efraime, mme Iseraele o a itshilafatsa.


Efraime o tla fetoha nahathothe tsatsing la kotlo; hara meloko ya Iseraele ke tsebisa taba e tiileng.


Mme nna, o re, ke se ke ka qenehela Ninive, motse oo o moholo, o nang le batho ba fetang lekgolo le nang le mashome a mabedi a dikete, ba sa tsebeng ho kgetha letsoho le letona la bona ho le letshehadi, hape o nang le dikgomo tse ngata!


Bana ba banyenyane ba lona, bao le neng le re, ba tla hapuwa, le bana ba lona ba sa tsebeng botle leha e le bobe kajeno lena, bona ba tla kena, ke tla nea bona lefatshe, mme ke bona ba tla le rua.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos