Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 26:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Re ne re emotse, ra ba ra ba matswalong, empa pelehi ya rona e ntshitse moya feela. Poloko ya naha ha e a ka ya hlaha ka rona, mme ba neng ba ka aha lefatsheng ha ba ka ba hlaha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Re ne re le baimana, re meneka ke mahlaba, empa ha re pepa ra beleha moya feela. Fatshe la rona ha re a le tlisetsa pholoho, ba tla aha ho lona le bona ha ba a tswalwa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 26:18
12 Referencias Cruzadas  

Ba re ho yena: Ho itswe ke Esekiase: Tsatsi lena ke la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.


ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


Le emotse jwang, mme le tla beleha mooko; phefumoloho ya lona e tla hotetsa mollo, o le tjhese.


Ba re ho yena: Esekiase o re: Letsatsi lena ke letsatsi la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.


Ha ho ya pakang ho loka, ha ho ya emelang nnete; ho tshepuwa lefeela, ho bolelwa leshano; ba emola bolotsana, mme ba tswala bokgopo.


Bohloko ba pelehi bo tla mo hlahela. Eo ke ngwana ya sethoto, hobane ha a itlhahise nakong ya teng, hore a tswalwe.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.


Re a tseba hoba re tswetswe ke Modimo le hoba lefatshe lohle le rapaletse katlase ho e mobe.


Saule a re: Ho ke ke ha bolawa motho tsatsing lena, hobane Jehova o lwetse Iseraele haholo kajeno.


Empa setjhaba sa re ho Saule: Hleka Jonathane a ka shwa, e le yena ya namoletseng Iseraele hakakalo na? Le ho leka! Ka Jehova ya phelang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae, hobane kajeno o sebedisane le Modimo. Kahoo, setjhaba sa pholosa Jonathane, hore a se ke a shwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos