Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 26:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwalokaha mosadi wa moimana a utlwa bohloko, ha a se a thwaseditswe ke kgwedi ya pelehi ya hae, mme a howa pelehing ya hae, re ne re le jwalo pela Jehova!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Jwalokaha moimana ya kgatheng la ho beleha a ye a meneke, a lliswe ke mahlaba a hae, le rona re bile jwalo mahlong a hao Morena.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 26:17
11 Referencias Cruzadas  

A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.


yaba a tshwarwa ke thothomelo le ke matswalo a kang a mosadi ha a beleha;


Ba tsielehile, ba kenwe ke mahloko le matswalo, ba sonopana jwaloka mosadi ya belehang; ba tadimana ba maketse, difahleho tsa bona di fubile jwaloka mollo.


Matheka a ka a tshwerwe ke bohloko ke hona, matswalo a nkene, a jwaloka matswalo a mosadi ya belehang; ke a sonopana, ke sitwa ho utlwa; ke tshohile, ke sitwa ho bona.


Ba re ho yena: Esekiase o re: Letsatsi lena ke letsatsi la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.


A le ke le botse, le bone, na e motona a ka beleha na? Ke bona keng matsoho a monna e mong le e mong ha a le mathekeng a hae, jwaloka hoja ke ya belehang, mme sefahleho sa e mong le e mong se hlwentse?


Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.


Re utlwile botumo ba sona, mme matsoho a rona a hlile a fokola, tsietsi e re tshwere, bohloko ke bo jwaloka ba ya belehang.


Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


E ne e le moimana, mme a howa a setse a le pelehing, a utlwa bohloko ba ho beleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos