Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 26:18 - BIBELE

18 Re ne re le baimana, re meneka ke mahlaba, empa ha re pepa ra beleha moya feela. Fatshe la rona ha re a le tlisetsa pholoho, ba tla aha ho lona le bona ha ba a tswalwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Re ne re emotse, ra ba ra ba matswalong, empa pelehi ya rona e ntshitse moya feela. Poloko ya naha ha e a ka ya hlaha ka rona, mme ba neng ba ka aha lefatsheng ha ba ka ba hlaha.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 26:18
12 Referencias Cruzadas  

Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: ‘Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho ba beleha ha a yo.


ka letsoho la hao mpholose Morena, mpholose ho batho bana ba lefatshe, bao moputso wa bona o leng bophelong bona. Ba kgorise sa mpanaphatloha, ba kgorise ka tseo o ba boloketseng tsona; le bana ba bona ba tla di kgotsofalla, ba tle ba di siele le ditloholo tsa bona.


Le emotse mmoko, le tla tswala ditlhaka, ho phefumoloha ha lona ke mollo o tla le timetsa.


Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: ‘Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho beleha ha a yo.


Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.


Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae, empa Efraime ke ngwana ya sethoto, o lesisitheho ho belehwa ka nako ya teng.


Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.


Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.


Empa Saule a re: “Ka letsatsi lena ha ho monna ya tla bolawa, hobane kajeno Morena o namoletse Baiseraele.”


Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos