Mong a ntlo ya teronko a neela matsohong a Josefa baholehuwa kaofela ba leng ka tlung ya teronko, mme tsohle tse neng di etswa teng e ne e le yena ya di etsang.
Ha a se a mo entse molaodi wa ntlo ya hae le wa tsohle tseo a nang le tsona, Jehova a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta ka baka la Josefa, mme lehlohonolo la Josefa la eba ho tsohle tseo a nang le tsona ka tlung le naheng.
Mme jwale, hase lona le nthometseng kwano, ke Modimo; o mpeile hore ke be ntata Faro, le morena wa ntlo ya hae yohle, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.
Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.
Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.
Haele Daniele, a phakisa a feta mahosana a mang le marenana a mang, hobane a ne a na le moya o phahamileng, mme morena a hopola ho mmea hodima mmuso kaofela.
wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.