Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 41:41 - BIBELE

41 Faro a re ho Josefa: “Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Faro a ba a re ho Josefa: Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:41
17 Referencias Cruzadas  

Mookamedi wa tjhankana a bea batshwaruwa bohle ba tjhankaneng tlasa taolo ya Josefa, mme tsohle tse etswang moo di ne di etswa ka taelo ya Josefa.


Ho tloha ka nako eo monga hae a neng a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le wa tsohle tseo a nang le tsona, Morena a hlohonolofatsa lelapa la Moegepeta eo, ka baka la Josefa; mahlohonolo a Morena a ba hodima tsohle tseo a nang le tsona, lapeng le masimong.


Faro a re ho Josefa: “Ke nna Faro! Kantle ho tumello ya hao ha ho motho ya tla phahamisa letsoho kapa leoto naheng ya Egepeta.”


Josefa e ne e le mmusi wa naha; e le yena ya rekisetsang batho bohle ba lefatshe koro. Bana babo Josefa le bona ba tla, ba inama, kapele ho yena.


“Hase lona le nthometseng mona, empa ke Modimo. O nkentse moeletsi wa Faro, le morena wa lelapa lohle la hae, le mmusi wa naha yohle ya Egepeta.


Moredekai wa Mojuda e ne e le yena ya hlahlamang kgosi Ahashuerushe, mme hara Bajuda e le yena ya ka sehloohong, a ratwa ke setjhaba sa habo. O ne a sebeletsa boiketlo ba setjhaba sa habo, mme a se buella hore se phediswe ka kgotso.


Ya mo etsa mookamedi wa lelapa la yona, le mmusi wa tsohle tseo e di ruileng,


Mohlanka ya masene a ka busa mora, a busa mora ya sethoto wa monga hae, a arolelwa lefa jwaloka bana ba monga hae.


Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.


Mohlomong mohlankana eo o tswa tjhankaneng ho tla ba kgosi, kapa ebe o tswaletswe bofutsaneng, empa a tswallwa mmusong oo e tla ba wa hae.


Kgosi ya bea Daniele ditulong tse phahameng, ya mo etsetsa le dimpho tse ngata, tse kgolo, ya mo etsa mmusi wa naha yohle ya Babilona, le mookamedi wa bahlalefi bohle ba Babilona.


Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle.


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


a mo namolela matshwenyehong wohle a hae. Modimo a mo nea leseho le bohlale pela Faro, kgosi ya Egepeta, mme Faro a mo kgetha ho ba mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos