Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 41:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ke wena ya tlang ho ba mmusisi wa ntlo ya ka, mme setjhaba sa ka kaofela se tla buswa ka molomo wa hao; ke tla ba moholo ho wena ka terone feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

40 O tla okamela lelapa la ka. “Setjhaba sa ka sohle se tla hlompha ditaelo tsa hao, mme nna ke tla o feta feela ka ho dula teroneng.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 41:40
16 Referencias Cruzadas  

ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?


Yaba Juda o mo atamela, a re: Oho, morena, mohlanka wa hao a ke a bue lentswe le le leng ditsebeng tsa morena wa ka, mme bohale ba hao bo se ke ba tukela mohlanka wa hao, hobane o lekana le Faro.


Ba mo tsebisa, ba re: Josefa o sa phela, mme ebile ke yena molaodi wa lefatshe lohle la Egepeta. Empa pelo ya hae ya idibana, kahobane a sa kgolwe ke bona.


Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.


Kamora tseo, morena Assueruse a phahamisa Hamane, mora Hammedatha, Moagage; a mo hodisa, a phahamisa tulo sa hae ho feta tsa mahosana wohle ao a nang le wona.


pelo ya ka ya ba ya thetswa ka sephiring, ka isa letsoho melomong ho le aka;


Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


Na o lemohile motho ya mahlahahlaha mosebetsing wa hae? O tla ema pela marena, a ke ke a ema pela bao e leng batho feela.


Yaba, ka taelo ya Belshatsare, Daniele o apeswa purepera, a rweswa lehlaahlela la kgauta molaleng, mme ha bolelwa pela hae hoba o tla dula tulong ya boraro ya mmuso.


Haele Daniele, a phakisa a feta mahosana a mang le marenana a mang, hobane a ne a na le moya o phahamileng, mme morena a hopola ho mmea hodima mmuso kaofela.


wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos