Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 30:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Eitse ha Lea a bona hoba o dutse ho beleha, a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Jakobo, hore e be mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 30:9
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Sarai, mohatsa Abrame, o nka Agare, Moegepeta, lekgabunyane la hae, ho se ho le dilemo tse leshome Abrame a aheletse lefatsheng la Kanana, mme a mo neela Abrame, monna wa hae, hore e be mosadi wa hae.


Labane a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Lea, moradi wa hae, hore e be lefielo la hae.


A ba a emola hape, a tswala mora, a re: Kajeno, ke tla boka Jehova. Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda (poko ya Jehova). Yaba o dula ho beleha.


Silpa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora.


Jwale Modimo wa utlwa Lea, mme a emola, a tswalla Jakobo mora wa bohlano.


A mo nea Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be mosadi wa hae; mme Jakobo a ya ho yena.


Ragele a re: Ke lwanne le moholwane wa me ntwa e kang ya Modimo, ke bile ke mo hlotse. Yaba o mo rea lebitso la Nefthali (ntwa ya ka).


Bao ke bara ba Silpa, eo Labane a neng a mo neile Lea, moradi wa hae, mme a ba tswalla Jakobo; ke batho ba leshome le metso e tsheletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos