Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 30:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ragele a re: Ke lwanne le moholwane wa me ntwa e kang ya Modimo, ke bile ke mo hlotse. Yaba o mo rea lebitso la Nefthali (ntwa ya ka).

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Jwale Ragele a re: “Ke lwanne dintwa tse matla le ngwaneso, mme ke hlotse.” Yaba o mo rea lebitso la Nafthali.

Ver Capítulo Copiar




Genese 30:8
12 Referencias Cruzadas  

O re mamele, monghadi: O kgosana ya Modimo hara rona; pata mofu wa hao lebitleng la rona leo o tla le kgetha. Ha ho motho ho rona ya ka o hanelang le lebitla la hae, leo o ka patang mofu wa hao ho lona.


Bilha, lekgabunyane la Ragele, a boela a emola, a tswalla Jakobo mora wa bobedi.


Eitse ha Lea a bona hoba o dutse ho beleha, a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Jakobo, hore e be mosadi wa hae.


Bara ba Bilha, lekgabunyane le Ragele, ke Dane, le Nefthali.


Bara ba Nefthali: Jathetseele, le Guni, le Jetsere, le Shilleme.


Nefthali ke letsa le lokolohileng; dipolelo tsa he ke tse monate.


Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.


le ba leloko la Nefthali; ke morena wa bana ba Nefthali, Akira, mora Enane, le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, ba kete tse mashome a mahlano a metso e meraro, tse nang le makgolo a mane.


a falla Nasaretha, a ya aha Kapernauma, motse o pela lewatle, naheng ya Sabulone le Nefthali;


Haele tsa Nefthali, a re: Nefthali, o kgotshe melemo, mme o tletse hlohonolofatso ya Jehova. Rua Bophirimela le Borwa.


Jwale, ha tsoha moferefere diahelong, le naheng, le hara setjhaba kaofela; mme ba qhobosheaneng le ba neng ba tswetse ho ya hapa ba tshona le bona, mme lefatshe la reketla, mme ya eba letsoso la Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos