7 Bilha, lekgabunyane la Ragele, a boela a emola, a tswalla Jakobo mora wa bobedi.
7 Bileha, lekgabunyane la Ragele, ya boela ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bobedi.
Yaba Ragele o re: Modimo o nkahloletse, o bile o mametse lentswe la ka, o nneile mora. Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane (moahlodi).
Ragele a re: Ke lwanne le moholwane wa me ntwa e kang ya Modimo, ke bile ke mo hlotse. Yaba o mo rea lebitso la Nefthali (ntwa ya ka).
Bara ba Nefthali: Jathetseele, le Guni, le Jetsere, le Shilleme.
Ke bona bara ba Bilha, eo Labane a neng a mo neile Ragele, moradi wa hae, mme a ba tswalla Jakobo; ke batho ba supileng.
Moeding wa Asere, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ke Nefthali.
Ho bara ba Nefthali, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.