Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 30:9 - BIBELE

9 Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Eitse ha Lea a bona hoba o dutse ho beleha, a nka Silpa, lekgabunyane la hae, a mo nea Jakobo, hore e be mosadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 30:9
8 Referencias Cruzadas  

Kamora hoba Aborame a phele dilemo tse leshome naheng ya Kanana, Sarai, mohatsa hae, a nka Hagare, lekgoba la hae la mosadi eo e leng Moegepeta, a le nea Aborame ho ba mosadi wa hae.


Labane a nka lekgabunyane la hae Silepa, a le nea moradi wa hae Lea, hore e be lekgabunyane la hae.


Ya boela ya eba moimana hape, a tswala mora, mme a re: “Jwale ke tla boka Morena.” Ka baka lena, a mo rea lebitso la Juda; yaba o kgaotsa ho beleha.


Jwale Silepa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora.


Modimo a mamela Lea, ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bohlano.


Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae.


Jwale Ragele a re: “Ke lwanne dintwa tse matla le ngwaneso, mme ke hlotse.” Yaba o mo rea lebitso la Nafthali.


Bana ke bara ba Silepa, eo Labane a neng a mo nee moradi wa hae Lea. Silepa a tswalla Jakobo bana ba leshome le metso e tsheletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos