Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Isaaka a boela a tjheka didiba tse neng di tjhekilwe mehleng ya Abrahama, ntatae, hobane Bafilesta ba ne ba di katile, hoba Abrahama a shwe; a boela a di rea mabitso ao di neng di reilwe wona ke ntatae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Isaka a boela a tjheka didiba tse ileng tsa tjhekwa mehleng ya ntatae Aborahama. Bafilesita ba ne ba ile ba di kata kamora lefu la Aborahama, mme a di rea mabitso ao ntatae a neng a di reile wona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:18
10 Referencias Cruzadas  

Empa Abrahama a nyatsa Abimeleke ka baka la sediba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.


A re: Ke ho re, dinku tsena tse supileng o di amohele letsohong la ka, e tle e be bopaki ba ka ba hore ke nna ke tjhekileng sediba sena.


Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Beerseba, kahobane ba hlapantse teng ba babedi.


Yaba Isaaka o tloha teng a hloma ditente tsa hae sekgutlong sa Gerare, mme a aha teng.


Bahlanka ba Isaaka ba tjheka sekgutlong, ba fumana teng sediba sa metsi a kollang.


Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.


Ho atiswa medimo ya bohata, ho nyehellwa medimo esele. Nke ke ka hlahisa ditshelo tsa yona tsa madi, mabitso a yona a ke ke a hlaha melomong ya ka.


Ke tla tlosa mabitso a boBaale molomong wa hae, hore mabitso a bona a se ke a hlola a bolelwa.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho lefatsheng, mme ha di sa tla hlola di hopolwa; le bona baporofeta ke tla ba falatsa lefatsheng, hammoho le moya o ditshila.


mme ba rea metse eo ba e hahileng mabitso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos