Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:18 - BIBELE

18 Isaka a boela a tjheka didiba tse ileng tsa tjhekwa mehleng ya ntatae Aborahama. Bafilesita ba ne ba ile ba di kata kamora lefu la Aborahama, mme a di rea mabitso ao ntatae a neng a di reile wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Isaaka a boela a tjheka didiba tse neng di tjhekilwe mehleng ya Abrahama, ntatae, hobane Bafilesta ba ne ba di katile, hoba Abrahama a shwe; a boela a di rea mabitso ao di neng di reilwe wona ke ntatae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:18
10 Referencias Cruzadas  

Yare ha Aborahama a ipelaetsa ho Abimeleke ka baka la sediba seo bahlanka ba Abimeleke ba mo amohileng sona ka dikgoka,


Aborahama a re: “Dikonyana tsena tse supileng tse tshehadi, o tla di amohela di etswa matsohong a ka, e be bopaki ba hore sediba sena se tjhekilwe ke nna.”


Ka baka leo, sebaka seo sa bitswa Beeresheba, hobane ke moo bobedi ba bona ba ileng ba hlapanyetsana teng.


Yaba Isaka o tloha moo, o ya hloma kgohlong ya Gerare, mme a aha teng.


Bahlanka ba Isaka ba tjheka ka kgohlong, mme ba fumana sediba sa metsi a tsapolang.


A haha ditora tse ding lehwatateng. A tjheka didiba tse ngata, hobane o ne a ena le mehlape ya diphoofolo diphuleng le dithoteng. O ne a ena le bahlanka ba lemang masimo, le a lemang difate tsa morara dithabeng le Karamele. O ne a rata temo haholo.


Ba mathang kamora yona ba ipakela mahlomola; nke ke ka e etsetsa nyehelo ya madi, esita le ho bolela mabitso a yona, ho a bolela ka molomo wa ka.


Mabitso a bo-Baale ke tla a fedisa, le ho bitswa a ke ke a hlola a bitswa.


“Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.


le Nebo, le Baale-Meone, le Sibema, mme ba fetola mabitso a metse eo a pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos