Isaaka a boela a tjheka didiba tse neng di tjhekilwe mehleng ya Abrahama, ntatae, hobane Bafilesta ba ne ba di katile, hoba Abrahama a shwe; a boela a di rea mabitso ao di neng di reilwe wona ke ntatae.
Empa badisa ba Gerare ba tsekisana le badisa ba Isaaka, ba re: Metsi ana ke a rona. Yaba o rea sediba seo lebitso le Eseke (tseko), kahobane ba tsekisane le yena.