Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi, leo lentswe le taelo ya morena di neng di tshwanetse ho phethwa ka lona, e leng letsatsi leo dira tsa Bajuda di neng di tshepile hore di tla ba tsohela matla ka lona, ditaba tsa fetoha, mme Bajuda ya eba bona ba tsohelang ba ba hloileng matla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, taelo le molao wa kgosi o ne o lokela ho phethahatswa. Ka letsatsi lena, dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola, empa ditaba tsa fetoha, ya eba Bajuda ba hlolang dira tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 9:1
13 Referencias Cruzadas  

Wa ntadimisa mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng.


Mangolo a romelwa dinaheng tsohle tsa morena ka dititimi, ha thwe, ho timetswe, ho bolawe, ho fediswe Bajuda bohle, ba baholo le ba banyenyane, bana le basadi, ka tsatsi le le leng, e leng letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, mme ba tlatlapuwe mesebetsi ya bona.


Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.


Ha thwe, ba etse jwalo ka tsatsi le le leng dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, e leng ka tsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.


hobane nka itiisa ho tadima kotsi e tla hlahela setjhaba sa heso, mme nka tiisa jwang ho tadima tshenyeho ya ba mofuta wa heso?


Tseo ba di etsa ka tsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya Adare, mme ba phomola ka la leshome le metso e mene, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo.


O ntadimisitse mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng.


Jehova, mamela, o nkutlwele bohloko! Jehova, o be o nthuse!


Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Ditjhaba di ne di halefile, mme bohale ba hao bo hlahile, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho ntsha moputso wa bahlanka ba hao ba baporofeta le wa bahalaledi le wa ba tshabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le ya ho senya ba senyang lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos