Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 9:1 - BIBELE

1 Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, taelo le molao wa kgosi o ne o lokela ho phethahatswa. Ka letsatsi lena, dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola, empa ditaba tsa fetoha, ya eba Bajuda ba hlolang dira tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi, leo lentswe le taelo ya morena di neng di tshwanetse ho phethwa ka lona, e leng letsatsi leo dira tsa Bajuda di neng di tshepile hore di tla ba tsohela matla ka lona, ditaba tsa fetoha, mme Bajuda ya eba bona ba tsohelang ba ba hloileng matla.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 9:1
13 Referencias Cruzadas  

O etsa hore dira tsa ka di ntshupe ka direthe, ba ntlhoileng ke a ba timetsa.


Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona.


Ka kgwedi ya pele, e leng kgwedi ya Mmesa, selemong sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Ahashuerushe, ha etswa Pure, e leng lotho, moo Hamane a ntseng a le teng. Hona ha nna ha etswa ka tsatsi le leng le le leng la kgwedi e nngwe le e nngwe, ho ya fihla kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.


Hona ho etsahale ka letsatsi le le leng, dinaheng tsohle tse buswang ke kgosi Ahashuerushe; letsatsi leo e be la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.


Nka tiisetsa jwang ho bona bobe bo tla etswa ho setjhaba sa heso? Kapa nka tiisetsa jwang ho bona bang ka nna ba timetswa?”


Tsena di etsahetse ka letsatsi la leshome le metso e meraro la yona kgwedi eo, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.


O mmatlafaletsa ntwa, ba ntwantshang o ba bea tlasa ka.


Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!”


Petrose ha a re qwatsi! Yaba o re: “Jwale ke tseba kannete hore Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le ho tsohle tse neng di lebeletswe ke setjhaba sa Bajuda.”


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos