Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esthere 8:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, nqalong tsohle tseo polelo ya morena le taelo ya hae di fihlileng ho tsona, Bajuda ba dula thabong le nyakallong, ba etsa diboka le letsatsi la mokete; esita le ba bangata hara ditjhaba tsa lefatshe ba iketsa Bajuda, ka hobane letsoso la Bajuda le ne le ba wetse hodimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Naheng e nngwe le e nngwe le motseng o mong le o mong, moo taelo ya kgosi le molao wa yona o ileng wa fihla teng, Bajuda ba thaba, ba nyakalla, ba keteka, ya eba letsatsi le monate. Baahi ba bangata ba naha eo ba ipitsa Bajuda, hobane ba ne ba tshaba Bajuda.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 8:17
17 Referencias Cruzadas  

Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.


Ba re ho bona: Eyang, le je tse nonneng, le nwe tse monate, mme le romele ba sa kang ba lokisetswa letho diabo; hobane tsatsi lena ke le kgethetsweng Morena wa rona; hape, le se ke la itlhomodisa; hobane thabo ya Jehova ke matla a lona.


Tseo ba di etsa ka tsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya Adare, mme ba phomola ka la leshome le metso e mene, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo.


Ke ka baka leo Bajuda ba naheng, ba ahileng metseng e se nang marako, ba etsang letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare letsatsi la thabo le la monyaka, le letsatsi le mokete, leo ho romelanwang dimpho ka lona.


Bajuda ba phutheha metseng ya bona, dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, hore ba ise letsoho ho bohle ba ratileng ho ba ntsha kotsi; ha ho a ka ha eba le a mong ya kileng a tseba ho ema pela bona, etswe letsoso la bona le ne le wetse ditjhaba tsohle.


ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona.


Bajuda ba rera, mme ba ikgethela, ba kgethela le ditloholo tsa bona le bohle ba ka ba kgomarelang, hore ba ke ke ba lesa ho kgetha matsatsi ao a mabedi, selemong se seng le se seng, ka molao wa teng o ngodilweng, le ka nako e beilweng;


Dihlooho tsohle tsa dinaha, le matona, le babusisi, le bohle ba tshwereng ditaba tsa morena, ba emela Bajuda, hobane letsoso la Mordekai le ne le ba wetse hodimo.


Baegepeta ba thabela ho tloha ha bona, hobane ba ne ba tshwerwe ke letsoso la bona.


O nnamoletse le mohla diphaphang tsa setjhaba, wa mpea hlooho ya ditjhaba; setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe se a ntshebeletsa;


Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.


Ha ho ka ke ha eba motho ya emang pela lona; Jehova, Modimo wa lona, o tla kenya letsoso la lona le tshabo ya lona naheng yohle eo le tla e hata ka maoto a lona, jwalokaha a le boleletse.


Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.


Eitse hobane re utlwe, ra nyahama dipelo; meya ya rona kaofela ya kgathala pela lona, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo hodi-mo lehodimong, le tlase lefatsheng.


a re ho banna bao: Ke a tseba hobane Jehova o le neile lefatshe, mme letsoso la lona le re wetse hodimo, mme bohle ba ahileng lefatsheng lena, ba tepeletse pela lona.


Leha o ka botsa bahlanka ba hao, ba tla o bolella. Ha ho le jwalo, bahlankana bao ba ka ba ke ba bone mohau ho wena, hobane re hlahetswe ke tsatsi le letle; ke a o kopa, ke re, o nee bahlanka ba hao le mora hao Davida seo o tla iphihlela o ena le sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos