11 Ka mangolo ao morena o ne a dumella Bajuda, motseng o mong le o mong, ho phutheha le ho lwanela bophelo ba bona, ho bolaya, ho fedisa le ho timetsa makgotla wohle a hlometseng a batho ba ka ba lwantshang dinaheng tsohle, hammoho le bana ba bona le basadi ba bona, le ho hapa dintho tsa bona.
11 Mangolong ana kgosi ya fana ka tumello ya hore Bajuda ba metseng yohle ba kgobokane, mme ba itshireletse ka ho fedisa, le ho bolaya, le ho ripitla mabotho a setjhaba sefe kapa sefe, le naha efe kapa efe e ka ba futuhelang. Ba timetse masea le basadi, ba ikgapele maruo a batho bao.
Mangolo a romelwa dinaheng tsohle tsa morena ka dititimi, ha thwe, ho timetswe, ho bolawe, ho fediswe Bajuda bohle, ba baholo le ba banyenyane, bana le basadi, ka tsatsi le le leng, e leng letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, mme ba tlatlapuwe mesebetsi ya bona.
Empa Bajuda ba Susane bona ba phutheha ka la leshome le metso e meraro le ka la leshome le metso e mene la kgwedi yona eo, mme ba phomola ka la leshome le metso e mehlano, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo.
Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.
ha ba sa tla ya rema merung, ba mpa ba tla besa dibetsa; ba tla hlobodisa ba ba hlobidisitseng, ba tlatlape ba ba tlatlapileng: ho bolela Morena Jehova.