11 Mangolong ana kgosi ya fana ka tumello ya hore Bajuda ba metseng yohle ba kgobokane, mme ba itshireletse ka ho fedisa, le ho bolaya, le ho ripitla mabotho a setjhaba sefe kapa sefe, le naha efe kapa efe e ka ba futuhelang. Ba timetse masea le basadi, ba ikgapele maruo a batho bao.
11 Ka mangolo ao morena o ne a dumella Bajuda, motseng o mong le o mong, ho phutheha le ho lwanela bophelo ba bona, ho bolaya, ho fedisa le ho timetsa makgotla wohle a hlometseng a batho ba ka ba lwantshang dinaheng tsohle, hammoho le bana ba bona le basadi ba bona, le ho hapa dintho tsa bona.
Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona.
Ka letsatsi la leshome le metso e meraro, le la leshome le metso e mene, la yona kgwedi eo, Bajuda ba Shushane ba kgobokana. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi eo, ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo.
Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata.
Kahoo ba ke ke ba hlola ba rwalla patsi naheng, kapa ba rema difate merung, hobane ba tla besa mollo ka dibetsa tsa bona. Ba tla tlatlapa ba ileng ba ba tlatlapa, ba hape tsa ba ileng ba hapa tsa bona, ho rialo Morena Modimo.’ ”