Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 8:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mordekai a ngola ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiisa ka lesale la morena; a romela mangolo ka dititimi tse kaletseng dipere le ka ba palamileng tse lebelo, e leng dimulete tse tswetsweng ke dipere tse tshehadi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Moredekai a ngola lebitsong la kgosi Ahashuerushe, mme mangolo ao a a tiisa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana. Mangolo ana a romellwa ka maqosa a palameng dipere tsa kgosi, tsa madi, tse lebelo.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 8:10
13 Referencias Cruzadas  

A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tiisa ka tiiso ya hae, a romela mangolo ho baholo le mahosana a motseng wa Nabothe, a ahisaneng le yena.


E nngwe le e nngwe ya nna ya tlisa, kamoo e tshwanetseng kateng, harese le habore ya dipere tsa makoloi le ya tse kallwang tse lebelo, moo di leng teng.


Yaba dititimi di ya le naha yohle ya Iseraele le Juda, di ena le mangolo a tswang ho morena le ho mahosana a hae; taelo ya morena e ne e re: Bana ba Iseraele, kgutlelang ho Jehova, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Iseraele, hore le yena a kgutlele ho lona, masala a phonyohileng matsohong a marena a Assiria.


Ha ho le jwalo, ngolang lona ka lebitso la morena bakeng sa Bajuda kamoo le ratang kateng, mme le tiise ka lesale la morena; hobane lengolo le ngodilweng ka lebitso la morena, le tiisitsweng ka lesale la morena, ha le na ho kwenehelwa.


Matsatsi a ka a ikela kapele ho fetisa ya lebelo; a baleha a eso ho bone leseho:


etswe lentswe la morena le le matla, mme ke mang ya tla re ho yena: O etsang?


O tla kwahelwa ke bongata ba dikamele le ba dipetsana tsa tsona tsa Midiane le tsa Efa; bohle ba Seba ba tla tla ba belesitse kgauta le dibano, mme ba tla tumisa dithoko tsa Jehova.


Ba tla tlisa banababo lona ba tswang ditjhabeng tsohle, e be kabelo ho Jehova, ba ba tlise ka dipere, le ka makoloi, le ka malao, le ka diesele, le ka dikamele, thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema: ho bolela Jehova; ho be jwaloka mohla bana ba Iseraele ba tlisang dinyehelo tsa bona ka tlung ya Jehova ka dipitsa tse hlwekileng.


O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane!


Ka wena ke nnile ka pshatla pere le mopalami wa yona, ka wena ka pshatla koloi le ya e hlweleng.


Nna morena Nebukadnesare, ke ngolla batho bohle, le ditjhaba, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, ke re: Kgotso e ke e le atele!


Jwale, morena, o tiise taelo eo, mme o ngole molao o ke keng wa fetoha, jwalokaha molao wa Bamede le Bapersia e le molao o sa fetoheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos