Esthere 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)9 Tona e nngwe, Karbona, ya re ho morena: Bona, sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, seo Hamane a se emiseditseng Mordekai, ya buileng hantle bakeng sa morena, se hlomilwe tlung ya Hamane. Morena a re: Mo fanyeheng ho sona. Ver CapítuloBIBELE9 Harebona, e leng e mong wa mahaole a sebeletsang kgosi, a re: “Bonang! Lapeng ha hae, Hamane o hlomme sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O se hlometse ho fanyeha Moredekai ya neng a bolelle kgosi taba tse ileng tsa e tswela molemo.” Yaba kgosi e re: “Fanyehang Hamane hona sefateng seo!” Ver Capítulo |
Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.
Morena Dariuse, phela ka ho sa feleng! Mahosana a mmuso kaofela, le marenana, le babusi, le baeletsi, le matona, ba dumellane ho ngola molao wa borena, le ho etsa taelo e tiileng, e bolelang hore e mong le e mong ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, leha e le ho motho, ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, a akgelwe lemeneng la ditau.